
Marashea
Description
Padi ena e pheta pale e matla, e tshosang le e sehloho ya dikgohlano tsa Marashea, di ntwa tse mabifi tse bakuweng ke dintwa tsa dihlopha tsa dikobo, boiphetetso le ho lwanela ho phela dipakeng tsa Marashea le banna ba rafang kgauta kantle ho molao (Makgomosha). Banna ba Marashea, ba etelletsweng pele ke baetapele ba kang Teboho, ba ile ba etsa letsholo le mabifi le ipatileng, e le ha ba tseka taolo ya dibaka le merafo.Malapa a ile a fela, basadi le bana ba se nang molato ba shwa.
Padi ena e hlahisa dihlooho tse matla, botshepehi, boiphetetso, le ho tseka borena. Teboho e bile moetapele ya ratang ntwa, ya neng a busa ka letsoho la tshepe. Lefu la hae le ile la hlakisa hore ya bolayang ka sehloho le yena setopo sa hae ha se no bonwa ke batho ka lebaka la bobe. O ile a shwa a siya bahlolohadi, dikhutsana le setjhaba se keleketla meokgo ke diketso tsa hae.
Product Details
- Publisher
- Thabang Tsolo
- Publish Date
- February 23, 2026
- Format
- Paperback
- Language
- SOT
- ISBN-13
- 9798233028755
This Title Is On These Shelves
Earn by promoting books
Earn money by sharing your favorite books through our Affiliate program.
Become an affiliateShipping
Shipping Countries: Puerto Rico, United States (US), Virgin Islands (US)
Ready to ship in 1-2 business days






